Review

Reviewed Book:

Reviewed Book:

Review by Aaron Mpho Masowa

Dintwa tse tshabeng motseng wa bo Afi, di mo siile a eme le monna mateneng. Ka
lebaka le ho phethesela, ha a ka a hlola a bona moo batswadi ba hae ba potetseng
teng. Bathong ebe jwale Afi o tlo iphumana a entse jwang hona bosiu tje? Buka ena e
batla hore ngwana a ipotse dipotso hore ha e ne e le yena ya lahlehetsweng ke
batswadi hara dintwa tse kale o ne a tla etsa jwang? E etsa hore ngwana a dule a le
sedi le motswadi a leke ka hohle ho bona hore ngwana o hlokomelehile. E ruta motho
hore a se ithuti ho nyatsa batho ba bang, ho thusa ba bang ha ba le tsietsing, ho
kgutlisetsa molemo ho ba ileng ba o thusa le ho mamela kamehla ha o fuwe ditalo. Puo
e sebedisisitsweng mona ke e boemong ba ngwana mme mongodi ha ngola dipolelo
tse telele ho qoba ho lahlehisa ngwana. Buka ena e ka sebediswa ke batswadi,

bahlokomedi, matitjhere le laeborari bakeng sa ho nontsha puo ya ngwana mane
meketjaneng ya ho bala.
Helang o sa emetseng! Fumana buka ena o tsebe ho bona hore moropa o ile wa tswela
Afi molemo ofe.

Other reviews of this book

No more reviews of this book were found