Review

Reiewed Book: Kgaketla e lahlehileng

Reiewed Book: Kgaketla e lahlehileng

Kgaketla e lahlehileng

Review by Aaron Mpho Masowa

Tutu ke kgudu e ntleng e neng e dula morung. Lebaka le neng le etsa hore Tutu a be motle hakana ke kgaketla ya hae e mebalabala.

Tutu ke kgudu e ntleng e neng e dula morung. Lebaka le neng le etsa hore Tutu a be
motle hakana ke kgaketla ya hae e mebalabala. Tutu o ne a le mosa ebile a rata ho
bapala le metswalle ya hae. Tutu ha qeta ho sesa o fumane kgaketla ya hae e le siyo
moo a neng a e beile teng. Bathong ebe jwale Tutu o tlo etsa jwang? Mongodi wa buka
ena o bontsha kamoo setswalle se leng bohlokwa kateng, ho ba le dikamano tse ntle le
batho, ho se etse batho ba bang hampe le ho leboha ha batho ba ile ba o thusa. Re
lemohile kamoo metswalle ya hae ileng ya mo utlwela bohloko kateng mme ya mo
thusa ho batla kgaketla ya hae. Puo e sebedisitsweng mona ke e boemong ba ngwana
leha diphoso tsa puo di le mmalwa tse bakilweng ke mofetoledi. Buka ena e ralehile ka
tsela e ntle mme e ka sebediswa ke batswadi ho tataisa bana ba bona, matitjhere
bakeng sa ho balla hodimo. Potlakela ho fumana buka ena hore o tsebe ho tlile jwang
hore Kgudu a dule a apere kgaketla ya hae hohle moo a yang teng ho fihlela lena le
hodimo.

Other reviews of this book

No more reviews of this book were found

Dear readers.

Welcome to Puku’s new website and children’s bookstore. We are excited to introduce a rich selection of children’s books in South African languages, to readers young and old.